top of page

MATHATA A HO NYANTSHA LE DIKELETSO

Nyantsha lesea la hao ka pele kamoo  ho ka kgonehang ka mora hore le hlahe. Lesea le hloka ho nyanya makgetlo a 10 kapa ho feta nakong ya dihora tse 24. Ha lesea la hao le nyanya kgafetsa, o tla ba le lebese le eketsehileng haholwanyane.
 

HO KGOMARELA LETSWELE

  • Dula kapa o itshetlehe hantle.

  • Bokapele ba mmele wa lesea bo lokela ho thetsa bokapele ba mmele wa hao. 

  • Etsa hore tlhoko ya hao e thetse nko ya lesea – sena se tla thusa lesea hore le ahlame hore le kgomarele tlhoko haholwanyane.

  • Atametsa lesea haufi kamoo ho ka kgonehang le wena ha le se le loketse ho nyanya.

 

KGATSELA KE LEBESE LE KGETHEHILENG LEO O LE ETSANG MATSATSING A MMALWA A PELE HO SIRELETSA LESEA LA HAO BOLWETSENG.

  • Lesea le hloka lebese le lenyane ka nako.
     

LESEA LE HLOKA HO FEPUWA BOSIU

Lebese la letswele le sileha ha bonolo le ka potlako. Ke kahoo masea a tsohang bosiu hore a je.

  • Ho nyantsha bosiu ho thusa hore o etse lebese le lengata.

  • O ka etsa hore ho nyantsha bosiu ho be bonolo ka hore o boloke lesea le le haufi.

 

HO RURUHA

  • Thoba ka ntho e batang kapa lekgasi la khabetjhe dipakeng tsa ho nyantsha hore o fokotse ho ruruha.

  • Thoba ka ntho e futhumetseng pele o nyantsha.

  • Nolofatsa matswele a hao ka hore o hame lebese le leng ka letsoho.

  • Nyantsha kgafetsa!

 

NA LEBESE HA LE NA MATLA?

  • ! Lebese la hao le a fetoha ha o ntse o nyantsha. Hama marothodi a seng makae pele le ka mora ho nyantsha hore o bone phapang. Lebese le qalang ha o nyantsha le metsinyana ele hore le nyorolle lesea. Lebese la ha o se o ntse o nyantsha le lebejana hore le kgorise lesea.
     

DITLHOKO TSE BOHLOKO

Ho nyantsha ha ho a lokela ho ba bohloko – kopa thuso haeba ho nyantsha ho le thata kapa ho le bohloko. Ho nyantsha o dutse hantle le lesea le kgomaretse tlhoko ho ka thusa ho thibela ditlhoko tse bohloko. Qala ka ho le fa letswele le seng bohloko haholo.

​

MASOBA A KWALEHILENG LE MASTITIS (FEBERU YA LEBESE)

Haeba masoba a lebese a kwalehile, lekgophonyana le bonolo le ka nna la hlaha hodima letswele.

  • Hlahloba tsela eo lesea le mommeng letswele ka yona.

  • Nyantsha kgafetsa

  • Le thobe ka ntho e futhumetseng

Haeba karolo ya letswele e ba thata, kgubedu, bohloko le ho ruruha, e ka nna yaba o na le mastitis (feberu ya lebese). O ka nna wa ikutlwa o na le feberu e bobebe kapa mmele o bohloko le ho hatsela, jwalo ka ha o na le mokgohlane. E-ja kgafetsa le ho phomola. Haeba o sa qale ho ikutlwa betere nakong ya dihora tse 48, o ka nna wa lokela ho nwa pidisi e bolayang kokwanahloko (antibiotic). Tleliniki kapa ngaka ya hao e tla o fa antibiotic e sireletsehileng nakong ya ho nyantsha.
 

LEKGOPHO

Lekgopho ke tshwaetso e bakwang ke fangase. Ditlhoko tsa hao di ka nna tsa hlohlona, tsa kgakgapheha kapa tsa ba kgubedu. Lesea la hao le ka nna la kwahelwa ke bosweu karolong e ka hare ya marenene, marameng, molomong le lelemeng. Ho ka nna ha hlokahala hore mme le lesea ba fumane phekolo. Tleliniki e ka nna ya fa wena le lesea la hao meriana e bolayang fangase. Ho bolokehile hore o tswelepele ho nyantsha. Hlatswa o be o bolaye dikokwanahloko disebedisweng tsohle tse kang dititi le ditami haeba o di sebedisa.

bottom of page