top of page

HO THETSANA LETLALO KA LETLALO

Ho thetsana letlalo ka letlalo ke mokgwa wa ho hlokomela lesea la hao. Lesea le tena leleiri feela ebe o le beha ka tsela e sireletsehileng hodima matswele a sa apeswang letho. Bo mme ba ka thetsa lesea letlalo ka letlalo ha ba qala ho nyantsha, ba qadisa hape ho nyantsha kapa ka nako leha ele efe ha wena kapa lesea la hao le hloka seo.

 

HO THETSANA LE LESEA LA HAO LETLALO KA LETLALO HO BOHLOKWA HOBANE:

  • Ho etsa hore lesea la hao le ikutlwe le sireletsehile.

  • Ho o thusa hore o tsebe lesea la hao le ho eketsa tlamahano ya lona.

  • Ho etsa hore wena le lesea la hao le phutholohe. 

  • Ho etsa hore o be le lebese le eketsehileng.

  • Ho thusa masea hore a eketse boima ba mmele.

  • Ho thusa ho boloka tswekere e mading ya masea ele boemong bo loketseng.

  • Ho ka thodisa lesea le llang.

  • Ho thusa ho boloka ho otla ha pelo ya lesea le ho hema ho le boemong bo loketseng.

  • Ho thusa ho boloka mofuthu wa mmele wa lesea la hao o lekane, mme haeba o na le mafahla, ho beha lefahla ka leng letsweleng ka leng ho tla etsa hore letswele ka leng le futhumale, e leng hantle seo lefahla ka leng le se hlokang.

  • Haeba lesea la hao le hlahile pele ho nako kapa le le lenyane haholo, ho tswelapele o le hlokomela ka ho thetsana le lona letlalo ka letlalo ho ka boloka bophelo ba lesea la hao.

  • Letlalo ka letlalo le thusa masea hore a be le botsitso.

 

Bo ntate le bona ba ka thetsana letlalo ka letlalo le lesea!

 

ITOKISETSE HO THETSANA LETLALO KA LETLALO

  • Hlobola hempe le bothisi. Hlobodisa lesea diaparo tsohle. O ka le tlohela le tenne leleiri.

  • Haeba ho bata ka tlung, o ka sebedisa kobo e le kwahelang le le babedi.

  • Beha lesea pakeng tsa matswele – sefuba sa lesea se lokela ho ba sefubeng sa hao. Maoto le matsoho a lesea di lokela ho kobeha jwalo ka senqanqane se senyane.

  • Etsa bonnete ba hore lesea le kgona ho hema – lerama la lesea le be letlalong la hao. Hlooho ya lesea e lokela ho ba haufi hoo o ka le sunang.

  • Dulella morao setulong kapa betheng. Ha ho mesamo kapa dikobo tse eketsehileng tse lokelang ho ba haufi le lesea.

 

LETLALO KA LETLALO BAKENG SA MOTSWADI E MONG LE E MONG LE LESEA

Na ho bolokehile? E, haeba wena le lesea le dutse ka tsela e nepahetseng mme ho se na dikobo tse ding kapa mesamo.

Na nka etsa letlalo ka letlalo le mafahla? E, o ka etsa letlalo ka letlalo ka ho beha lesea ka leng letsweleng ka leng.

Hothweng haeba ke sa ikutlwe hantle? Tsebisa motho e mong haeba o sa ikutlwe hantle hoo o sa kgoneng ho kuka lesea la hao.

Hothweng haeba lesea la ka le hlahile pele ho nako? O ka etsa letlalo ka letlalo ho thusa lesea la hao hore le tsitse.

Nka qala neng ho etsa letlalo ka letlalo? O ka qala hang feela ha lesea le hlahile.

Na nka tswelapele ho etsa letlalo ka letlalo haeba lesea le se le hodile? E, letlalo ka letlalo le bohlokwa le ha masea a se a hodile.

Na letlalo ka letlalo le ka thusa ho etsa lebese le eketsehileng? E, letlalo ka letlalo le ka thusa lesea la hao hore le o kgomarele le ho nyanya hantle. Haeba lesea le nyanya nakong ya ha le thetsane letlalo ka letlalo, matswele a hao a tla etsa lebese le eketsehileng.

© 2025 by La Leche League South Africa. Read our Privacy Policy here. Read our PAIA Manual here.

  • Facebook Social Icon
MySchool button.png

All images and other materials posted on this site are subject to copyrights owned by La Leche League South Africa or other individuals.  Any reproduction, retransmission, distribution or republication of all or part of any images, and other materials found on this site is expressly prohibited, unless La Leche League South Africa or the copyright owner of the material has expressly granted its prior written consent.  All other rights reserved.  

bottom of page