HO HAMA LEBESE LA HAO KA LETSOHO
Ho hama ka letsoho ke bokgoni boo mme e mong le e mong ya nyantshang a ka ithutang. Bomme ba bangata ha ba na pompo e hamang letswele. Ba hama ka letsoho ele hore ba siele masea a bona lebese. Matswele a hao a tseba mofuthu wa ho thetsa letlalo ka letlalo, kahoo ha matsoho a hao a thetsa letlalo la hao ha se ntho e ntjha ebile ho ka thusa hore ho tswe lebese le lengata matsweleng a hao. Ha o hloke letho le leng ntle ho matsoho a hao!
MABAKA A HORE O HAME KA LETSOHO
Lebese la hao ke dijo tse loketseng haholo bakeng sa lesea la hao. Ho ka nna ha hlokahala hore o hame lebese la hao ka letsoho:
-
haeba lesea le hlahile pele ho nako haholo mme ha le so kgone ho nyanya letswele.
-
haeba lesea le kula haholo hore o ka le hlokomela hantle.
-
haeba matswele a hao a tletse haholo ka mora ho pepa mme o batla ho fokotsa kgatello.
-
haeba o batla ho etsa lebese le eketsehileng bakeng sa lesea la hao.
-
haeba o tla ba thoko le lesea la hao mme o batla ho le siela lebese.
Hangata bomme ba fumana lebese le lengata ha hama ka matsoho, ho fapana le pompo.
MOKGWA WA MARMET WA HO HAMA KA LETSOHO
Mokgwa ke ona o bonolo wa ho hama lebese la hao:
-
Qalong, ho etsa feela hore lebese le tswe ho lokile. Beha sekotlolo se bulehileng haholo diropeng hore o tshele lebese, ebe o ya sekotlolong se senyane, ebe o sebedisa kopi ha o se o tlwaetse. Bomme ba bang ba tlwaela haholo ha nako e ntse e ya hoo ba behang kopi ka pela letswele ka leng ebe ba a hama a le mabedi ka nako e le nngwe. Beha thaole haufi molemong wa ha o ka tsaratsa lebese hohle.
-
Ka matsoho a hlwekileng, qala ka ho hlokohla letswele la hao hanyane le ho le phahamisa ebe ka bonolo o hula tlhoko.
-
Beha monwana wa botshelela le wa bosupa bonyane 1 cm ka mora tlhoko. Ho ka etsahala hore ebe o se o hatile kapa o sa hata karolong e ntsho ya letswele e potileng tlhoko (areola). Boloka menwana ya hao e le sebopehong sa C mme o se ke wa etsa letswele la hao kopi (letlalo le dipakeng tsa monwana wa botshelela le wa bosupa ha le a lokela ho ba hodima letswele; o lokela ho bona sebaka se bulehileng).
-
Suthumeletsa letswele morao sefubeng.
-
Bidikisa menwana ya hao ka tsela eo o etsang ka yona ha o hatisa di fingerprint.
-
Phetapheta sena ka morethetho o tshwanang.
-
O tla tseba hore o behile menwana ya hao sebakeng se nepahetseng ha o qala ho bona marothodi a lebese, ebe le a tsaratsa ebe le phorosela hantle.
-
Potoloha letswele hore o bule masoba kaofela a potolohileng letswele e seng feela lehlakore le le leng.
-
O se ke wa arohanya menwana ya hao, o se ke wa pepeta, o se ke wa sidila, o se ke wa hula tlhoko ya hao kaha dintho tsena kaofela di ka baka bohloko le tshenyo.