top of page

BOMME BA MATHINEIJA LE HO NYANTSHA

Kaha o mme ya tlase dilemong o ka nna wa ipotsa hore na o tla kgona ngwana jwang, ho mo nyantsha le ho kgutlela sekolong. Ho nyantsha ke tsela e bonolo le e monate ya hore wena le lesea la hao le tsebane. Ho nyantsha ho molemo haholo ho feta ho se nyantshe ho hang.

​

HO NYANTSHA HO BOHLOKWA HO BOMME BA MATHINEIJARA

Ho hodisa ngwana e ka ba mosebetsi o mongata - ho nyantsha ho etsa hore ho be bobebe ebile ha ho hloke tjhelete.

Masea a nyantshwang hase hangata a kulang - kahoo ha o kgathatsehe haholo, ha o qete nako e ngata o ya tleliniking kapa o hloleha ho ya sekolong kapa ho bona metswalle ya hao.

Ho nyantsha ho o thusa hantle hore o utwisise lesea la hao ebile ho o fa boitshepo jwalo ka mme.

Ho nyantsha ha ho hloke dintho tse ngata: o ka ho etsa kae kapa kae, nako efe kapa efe ebile lebese la hao le futhumetse ka tsela e lekaneng ka dinako tsohle.

Ka tlwaelo ho ya matsatsing ho a emisa ha o nyantsa kgafetsa, hape o theoha boima ba mmele ka tsela ya tlhaho.

​

O MOTJHA DITABENG TSA HO NYANTSHA

Ho ka etsahala o se ke wa tseba hantle hore na o rera ho nyantsha nako e kae. Ho leke ka matsatsi a seng makae kapa dibeke.

Ho nyantsha ho ke ke ha etsa hore matswele a hao a wele – matswele a hao a tla be se ntse a tjhentjhile ka sebopeho le ka boholo nakong ya boimana.

Buisana le motswalle kapa motho eo o mo tshepang ya ileng a nyantsha lesea la hae ka katleho.

Ho nyantsha ha ho a lokela ho ba bohloko – kopa thuso haeba ho nyantsha ho le thata kapa ho le bohloko. Ho nyantsha o dutse hantle le tlhoko e kene hare molomong wa lesea ho tla etsa hore ditlhoko di se ke tsa ba bohloko.

Ha o nyantsha lesea la hao kgafetsa, o tla ba le lebese le lengata le ho feta. Etsa hore lesea la hao le nyanye hangata kamoo le batlang mme o leke ho qeta nako e ngata kamoo ho ka kgonehang o ithuta lesea la hao.

​

HO KGUTLELA SEKOLONG

Haeba o etsa qeto ya ho kgutlela sekolong, leka ho leta ho fihlela nako ya botswetse bo botjha e fela. Lesea la hao le tla be se le tlwaetse ho etsa dintho ka tsela e itseng mme ho tla ba bonolo hore o rere letsatsi la hao.

Haeba o etsa qeto ya ho tswelapele o nyantsha leha o kgutlela sekolong, o ka hama lebese la hao wa le siya le motho ya tla hllokomela lesea la hao. O ka qala ho porakthisa dibeke tse seng kae pele o kgutlela sekolong.

Rera ho qeta nako o na le lesea la hao ha o tswa sekolong, hammoho le ho etsa nako ya ho ithuta le ya ho ba le metswalle.

Ho ba le lesea le ho ya sekolong ho tla tlwaeleha ha nako e ntse e ya.

Bomme ba bangata ba dilemong tse tlase ba lahlehelwa ke metswalle e meng ha lesea le fihla, empa ba boela ba fumana metswalle e meng e metjha. Ikopanye le ba bang ba nang le bana kapa metswalle e o tshehetsang.

bottom of page